Mosoetsa o re tshepo e teng bakeng sa Mashiane sehlopheng
Mokwetlisi wa nakwana wa Siwelele FC Godfrey Mosoetsa, o hlalositse ha tshepo e teng dipakeng tsa sehlopha le Happy Mashiane.
Mashiane ya se nang sehlopha, o ntse a ikwetlisa le Siwelele tekong le tumelong ya ho fumana monyetla wa ho bapalla sehlopha.
Sebapadi sena sa mehleng sa Kaizer Chiefs se hlokile sehlopha ka mora ho arohana le Amakhosi e neng e kadimane ka yena ho Siwelele sehleng se fitileng.
Mosoetsa, o hlalositse ha Mashiane e le sebapadi sa boemo bo hodimo se nang le boiphihlelo empa tsohle dile matsohong a botsamaisi dikantorong.
“Ke nnete o qadile ho ikwetlisa le rona ka kgufutso ya FIFA mme o ntse a tla hantle,” ho realo Mosoetsa lothong ya Carling Knockout.
“O bapalletse Chiefs a le monyane mme seo se mofa boiphihlelo boka thusang sehlopha.”
Mosoetsa o bontshitse ha qeto ya ho qetela ya ho tekena kapa ho nyahlatsa Mashiane e le matsohong a botsamaisi ba sehlopha.
“Hona le dintho tse mmalwa tse lokelang ho lokiswa dikantoro mme lesedi letla hlaha moo. Re ke ke ra hana hore ke sebapadi se hlwahlwa se nang le boiphihlelo ba ho bapala ho PSL.”
BALA: Sundowns e fumana Gallants hape ho Carling Knockout
The post Mosoetsa o re tshepo e teng bakeng sa Mashiane sehlopheng appeared first on Setsisadipapadi .
The full article is being collected. Available text is shown for now.